Yunivesithing ya Freistata (UFS), re kgothalletsa bokgabane/boipabolo, mme re fetola maphelo. Sena ke seo re se emelang, hape ke seo re dumelang ho sona.
Pono ya ka ke... ho bopa Yunivesithi e ananelang ho se tshwane ha rona, e kenyelletsang bohle le e ipabolang thutong. Ke batla o ikutlwe o amohelehile hape o bolokehile ha o kena sebakeng sa rona sa thuto le sa ho phela – sebaka seo ho sona o ka kgonang ho fihlella ditabatabelo tsa hao tsa bophelo le tsa thuto. Re o fa boiphihlelo bo fanang ka motheo o tsitsitseng/lekaneng bakeng sa ntho efe kapa efe e hlokahalang bakeng sa bokamoso, ho tloha ho tsa thuto, ho ya ho tsa dipapadi, bonono, mesebetsi ya setso, le mekgatlo e itseng ya baithuti eo o ka kgethang ho yona.
Re hodile... ho ba Yunivesithi e tsebahalang ho tloha ka 1904, ka baithuti ba nang le kgahlamelo kgolong ya tsa selehae le lefatsheng ka bophara. Baithuti ba rona ba mehleng ba tswa pele ho tsa kgwebo, dipapadi, bonono, setso, le dikarolong tse ding tse ngata. Le wena, o ka hodisa le ho eketsa bokgoni ba hao ka hara difakhalthi tsa rona tse supileng, tse akaretsang dikarolo kaofela ho tloha ho dikri tsa baithuti ba so kang ba fumana dikri ya pele le diploma, ho ya ho dikri tsa bongaka le tse tlang ka mora tsa bongaka.
Kopanang mme le ithute... ho tswa ho ba bang ba bahlalefi ba baholo dithutong, ka yona nako eo le ntse le ntlafatsa tsebo ya lona ka thuso ya Lefapha la rona la ho Ruta le ho Ithuta (Centre for Teaching and Learning) - ho kenyelletswa dithuto tse kenelletseng le ditshebeletso tsa thuto ya ho ngola. Ho na le ditshebeletso tse ding tse ngata tse tswang karolong ya Ditaba tsa baithuti (Student Affairs), jwalo ka ya tsa ntshetsopele ya diprogreme/diprograma tsa ketapele ya baithuti, ditshebeletso tsa kgetho ya mosebetsi, diprogreme/diprograma tsa baithuti tsa Bophelo bo botle le ho itlhokomela (health and wellness), le boeletsi ba baithuti; di tla etsa hore nako ya lona le rona e hopolehe.
Baithuti ba rona... ba atleha ka tshehetso ya rona. Palo ya bafuputsi ba rona ka dipalopalo tse tswang ho National Research Foundation (NRF) e batlile e menahana habedi, mme progreme/programa ya tlhompho ya motlatsa-mokanseliri (Vice-Chancellor’s Prestige Scholars Programme (PSP) e thusa baithuti ba kgethilweng leetong la bona la thuto ho ba diprofesara – o ka ba e mong wa bona.
Baithuti ba selemo sa pele... ba amohelwa ka progreme/programa ya rona ya thuto ya Gateway ya baithuti ba selemo sa pele. Re tla le thusa ho fumana tsela ya lona khempaseng, re etse bonnete ba hore le ngodisitswe, re le ise ho ba tsa keletso ya tsa dithuto, boeletsi ba tsa kgetho ya mesebetsi, le ditshebeletso tse ding tsa tshehetso khempaseng.
Tlohong le tlo natefelwa... ke tikoloho e nang le tshehetso, ho kgathallwa, ho natefelwa, le ho matlafatswa, moo boipabolo thutong le kamohelo ya batho e leng karolo ya bohlokwa ho seo re se etsang. Re na le ditoro tse kgolo le maikemisetso bakeng sa katleho ya hao jwalo ka serutehi sa hosane, mmulakgoro, le moetapele lefatsheng.
Kgetha bokamoso bo tjhabileng le rona.
Moprofesa Francis Petersen
Morektoro le molatsa-mokanseliri, Yunivesithing ya Freistata