Multilingual Mokete e na le ‘moelelo o ikgethang bakeng sa Qwaqwa’ selemong sena se hodimo
—PALE Dr Peet van Aardt, Akhademi ya Botemengata (UFS)
Ho kgema le mokgwa-tsamaiso wa dikhempase tse ngata wa yunivesithi ya rona, selemong sena Multilingual Mokete e na le sehlooho se reng Hearing You, Hearing Me (Ke a o Utlwa, Nkutlwe). Ntho e etsang hore mokete wa selemo sena e be o kgethehileng ke hobane o fuwe moelelo o ikgethang wa Qwaqwa. Mesebetsi e mengata e tla bontshwa moketekong wa selemo sena ke e bopilweng ho tswa ditalenteng tsa sebaka sa Qwaqwa . Mokete o boetse o bontsha batshwantshisi ba mesebetsi ya bonono le mehopolo e bohlale e tswang Dikhempaseng tsa rona tsa South le Bloemfontein. Bona ke bopaki bo tswileng matsoho ba boitlamo ba UFS tabeng ya ho tsetela metseng ya lehae.
Re motlotlo ho hlahisa dibini tse nang le bokgeleke le baetapele ba nang le tshusumetso , batshwantshisi ba setso le diroki. Mothonngwa wa SAMA Azana ebile e le moithuti wa UFS, o tla bina dipina tse itseng tsa hae. Re na le ditsebi tse hlwahlwa tsa thuto tse tswang UKZN le Wits tse tla ba mmoho le rona. Thothokiso e kgethehileng bakeng sa mofu Dr Khotso Pieter David Maphalla le yona e tla balwa.
Re ikotla difuba ka ho hlahisa mesebetsi e etelletsweng pele ke baithuti ba rona, jwalo ka ho balwa ha dipale tse kgutshwanyane ho tswa ho ‘Initiative for Creative African Narratives‘(iCAN), ho phetwa ha dithothokiso, le dipontsho tsa metjeko. Ena e tla ba pontsho e etswang ka dipuo tse robedi: Senyesemane, Sesotho, IsiZulu, Sepedi, IsiXhosa, SeAfrikaanse, siSwati, le Puo ya matsoho ya Afrika Borwa - South African Sign Language (SASL).
Mokete o tla tshwarwa ka vitjhuale ka Labohlano la la 17 Lwetse ho tloha ka 12:00 ho isa ho 17:30.
UFS website
UFS YouTube Channel